Jannah Theme License is not validated, Go to the theme options page to validate the license, You need a single license for each domain name.
News

Phepelo ea Lijo Thollo Leloaleng la Lesotho Milling Company

Leloala la Lesotho Milling Company (LMC) e fumanehang Maputsoe (Leribe) le sila phoofo ea boleng bo holimo ea poone le koro boemong ba ‘maraka oa lehae le oa machaba.

Koporasi ea Ntlafatso ea moruo (LNDC) e nang le liabo leloaleng le joalo (LMC) e tśoarisane matsoho le  LMC ho akofisa menyetla ea sechaba sa Basotho marakeng oa lijo thollo, le ho eketsa mesebetsi Lesotho. ‘Muso oa Lesotho (GOL) ke ona o nang le liabo ka Koporasi ea Ntlafatso ea Moruo (LNDC) ka kotloloho, ‘me li tsamaisoa le ho ts’ehetsoa ke Lekala la Khoebo le Mesebetsi e Meholo.

 Lihoai tse hlahisang lijo thollo li memeloa ho tlisa lihlahisoa tsa bona tse tlang ho rekoa ke Lesotho Milling Company ka theko ea ‘marakeng. Lihlaisoa litla hlahlojoa le ho behoa ka ho hlahlamana ho latela boleng ba tsona. 

Lihlahisoa tsena li tla rekoa ka boima ba 50kg. Patala e etsoa ka Labone bekeng ka mora hore lihoai li rekise.

END

Bakeng sa lipotso le litlhakisetso ikopanye le: 

Tiisetso Moremoholo kapa Lerato Tsoinyane ho

Contact: [email protected] or [email protected]

Tel: +266 22312012

Related Articles

Check Also
Close
Back to top button